Luka 1:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha ba re neile bona, bao ho tloha tshimolohong e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo, le basebeletsi ba Lentswe; Sesotho 1909/1961 (SO) kamoo re di neilweng kateng, ke ba iponetseng tsona ka sebele esale ho qaleng ha tsona, bao e bileng e leng bahlanka ba lentswe, BIBELE jwalokaha re di neeleditswe ke ba di boneng ka mahlo ho tloha qalong, mme ba fetoha basebeletsi ba lentswe, Baasraak Sotho NT Jwalokaha ba re neile bona, bao ho tloha tshimolohong e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo, le basebeletsi ba Lentswe; |
Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.
Empa ke le boleletse taba tseo, hore mohla nako e fihlang, le hopole hobane ke le boleletse tsona. Mme taba tseo ha ke a ka ka le bolella tsona ho tloha qalong, kahobane ke ne ke ena le lona.
Bao a iponahatsang ho bona a phela, ka mora lefu la hae, ka bopaki bo bongata bo sa foseng, a bonwa ke bona ka matsatsi a mashome a mane, mme a bolela tsa mmuso wa Modimo.
Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
Yare ha ba haola le Frigia le naha ya Galatia, ba hanetswe ke Moya o Halalelang ho bolela lentswe la Modimo Asia.
Bao e ne e le ba kgabane ho fetisa ba Thesalonika, kahobane ba ile ba amohela lentswe ka tabatabelo yohle ya kelello, ba fuputsa Mangolong ka matsatsi wohle, hore na ditaba tseo di jwalo na.
Hore ke tle ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu ho baditjhaba, ya bolelang Evangeli ya Modimo, hore sehlabelo sa baditjhaba se tle se amohelehe, se halaleditswe ke Moya o Halalelang.
Rona re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e leng e qadileng ho bolelwa ke Morena, mme ya tiiswa ho rona ke ba mo utlwileng;
Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.
Hobane ha re a le tsebisa matla le ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, ha re a ka ra latela ditshomo tse qapilweng ka mano, empa re bile dipaki tse boneng ka mahlo tsa boholo ba hae.