BaFilipi 3:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke mathela moputsong wa pitso e phahameng ya Modimo, ka Jesu Kreste. Sesotho 1909/1961 (SO) empa ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, mme ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekantsweng teng, e leng pheo eo re e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste. BIBELE Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu. Baasraak Sotho NT Ke mathela moputsong wa pitso e phahameng ya Modimo, ka Jesu Kreste. |
Ana ha le tsebe hoba ba mathang lebelong ba matha bohle, empa ya nkang moputso ke a le mong? Mathang jwalo, le tle le rue.
Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;
Hobane ke rona ba lebollo, ba sebeletsang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste, mme ba sa tshepe nama.
Ho se be motho ya le thetsang mabapi le moputso wa lona ka boikokobetso ba boithatelo ba lona, le ka borapedi ba mangeloi, ka ho itshunyatshunya dinthong tseo a sa kang a di bona, a ikgohomositse lefeela ka kelello ya hae.
Le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le bileditseng mmusong wa wona le kganyeng ya wona.
Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,
Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.
Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;
Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;
Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.
Hobane matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bileditseng kganya le bokgabane.
Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.