Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 empa ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, mme ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekantsweng teng, e leng pheo eo re e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ke mathela moputsong wa pitso e phahameng ya Modimo, ka Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ke mathela moputsong wa pitso e phahameng ya Modimo, ka Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:14
20 Referencias Cruzadas  

Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Na ha le tsebe hobane, haele ka ba mathang lephallong ho matha bohle; empa ya nkang moputso o ba mong feela? Mathang ka mokgwa oo le tlang ho o nka ka wona.


Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;


hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.


Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,


Mme ra le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le biletsang mmusong wa wona le kganyeng ya wona.


o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Ka baka leo, a re feteng ditaba tsa thuto ya Kreste tseo ho qalwang ka tsona, mme re feteleng ho tsa kgolo e tletseng, re se boele ra thea motheo wa ho baka mesebetsing e shweleng le wa tumelo ho Modimo,


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.


Haele moo matla a hae, e leng matla a Modimo, a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bitsitseng ka kganya le ka matla a hae;


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos