Empa ho hlokeha ntho e le nngwe: mme Maria o ikgethetse kabelo e molemo, eo a ke keng a e amohuwa.
BaFilipi 3:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Banabeso, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile; Sesotho 1909/1961 (SO) Banabeso, haele nna, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile; BIBELE Bana beso, ha ke hopole hore ke se ke di hapile; ke etsa ntho e le nngwe feela, e leng ho lebala tseo ke seng ke di fetile, ke mpa ke hahamalla tse kapele. Baasraak Sotho NT Banabeso, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile; |
Empa ho hlokeha ntho e le nngwe: mme Maria o ikgethetse kabelo e molemo, eo a ke keng a e amohuwa.
Jesu a re ho yena: “Ha a behile letsoho la hae mohomeng, mme a hetla morao, ya lokelang mmuso wa Modimo.
Ka baka leo, baratuwa ba ka, kamoo le nnileng la mamela ka mehla, e seng jwaloka ha ke le teng feela, empa e le haholoholo ha ke le siyo, le sebeletse poloko ya lona ka tshabo le thothomelo.
E seng jwaloka hoja ke se ke fihlile, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke phehella hore ke tle ke hape seo le nna ke se tshwaretsweng ke Kreste Jesu.
Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.
Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;
Empa, baratuoa, le se ke la hloka tsebo tabeng ena, hore letsatsi le le leng ho Morena le joaloka lilemo tse sekete, le lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.