Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:13 - Baasraak Sotho NT

13 Banabeso, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Banabeso, haele nna, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Bana beso, ha ke hopole hore ke se ke di hapile; ke etsa ntho e le nngwe feela, e leng ho lebala tseo ke seng ke di fetile, ke mpa ke hahamalla tse kapele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Banabeso, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:13
15 Referencias Cruzadas  

Empa ho hlokeha ntho e le nngwe: mme Maria o ikgethetse kabelo e molemo, eo a ke keng a e amohuwa.


Jesu a re ho yena: “Ha a behile letsoho la hae mohomeng, mme a hetla morao, ya lokelang mmuso wa Modimo.


Ka baka leo, ho tloha jwale ha re sa tseba motho ka nama;


Ka baka leo, baratuwa ba ka, kamoo le nnileng la mamela ka mehla, e seng jwaloka ha ke le teng feela, empa e le haholoholo ha ke le siyo, le sebeletse poloko ya lona ka tshabo le thothomelo.


E seng jwaloka hoja ke se ke fihlile, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke phehella hore ke tle ke hape seo le nna ke se tshwaretsweng ke Kreste Jesu.


Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.


Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;


Empa, baratuoa, le se ke la hloka tsebo tabeng ena, hore letsatsi le le leng ho Morena le joaloka lilemo tse sekete, le lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos