Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:12 - Baasraak Sotho NT

12 E seng jwaloka hoja ke se ke fihlile, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke phehella hore ke tle ke hape seo le nna ke se tshwaretsweng ke Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 E seng jwaloka hoja ke se ke fihlile, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke phehella hore ke tle ke hape seo le nna ke se tshwaretsweng ke Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:12
44 Referencias Cruzadas  

Le be ba phethahetseng, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethahetse.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Empa mohla se phethehileng se fihla, se sa fellang se tla fela.


Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa.


Ana ha le tsebe hoba ba mathang lebelong ba matha bohle, empa ya nkang moputso ke a le mong? Mathang jwalo, le tle le rue.


Hobane re a thaba, ha rona re fokola, mme lona le le matla;


Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.


Hobane nama e lakatsa ho lwantshana le Moya, le Moya o batla ho lwantsha nama;


jwalokaha o re kgethetse ho yena pele lefatshe le thewa, hore re tle re halalele, re hloke sekodi pela wona;


bakeng sa ho phetheha ha bahalaledi, hore ho tle ho be le tshebetso ya tshebeletso, le ho haha mmele wa Kreste.


Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba ho Kreste Jesu ba leng Filipi, le babishopo le madikone:


Leha ho le joalo, seo re seng re fihlile ho sona, a re tsamaeeng ka molao o le mong, re be le maikutlo a tšoanang.


Hobane ke rona ba lebollo, ba sebeletsang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste, mme ba sa tshepe nama.


Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.


Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang; empa kamehla le latele se molemo, hammoho le ho batho bohle.


Empa rona re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso ba ratwang ke Morena, hobane Modimo o le kgethetse ho tloha tshimolohong, hore le tle le bolokehe ka kgalaletso ya Moya le ka ho dumela nnete.


O bolelwa hantle ka mesebetsi e molemo; haeba a holisitse bana, haeba a amohetse basele, haeba a hlatsoitse maoto a bahalaleli, haeba a thusitse ba mahlomoleng, haeba a latetse ka hloko mesebetsi eohle e molemo.


Ba ipokellele motheo o motle wa nako e tlang ho tla, ba tle ba tshware bophelo bo sa feleng.


Latelang kgotso le batho bohle, le kgalalelo, eo ho seng motho ya tla bona Morena kantle ho yona.


ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Hobane bohle re kgopisa bohle. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe puong, eo ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle ka tōmo.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos