Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Ruthe 2:8 - BIBELE

8 Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ebile Boase o re ho Ruthe: O a utlwa, moradi wa ka, o se ke wa ya thonaka tshimong e nngwe, leha e le ho ya hosele; o sale mona le barwetsana ba ka;

See the chapter Copy




Ruthe 2:8
11 Cross References  

Empa bahlanka ba hae ba atamela pela hae, ba bua le yena, ba re: “Ntate we, ha moporofeta a ne a o laetse hore o etse ntho e kgolo, na o ne o ke ke wa e etsa? Jwale ho bonolo hakaakang ha a re feela ho wena: ‘Tola, mme o tla fola!’ ”


“ ‘Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng.


Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”


Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


Ngwanana enwa o ile a nkopa, a re: ‘Ako ntumelle ke sale bakotudi morao, ke kgwahlapise, mme ke bokelle koro e pakeng tsa mangata.’ O ile a tla he, mme haesale a kgwahlapisa ho tloha hoseng, ho fihlela jwale; ke hona a sa itseng kgefu hanyenyane ka lephepheng!”


O shebe feela tshimo eo a e kotulang, o a sale morao. Ke laetse bahlanka ba ka hore ba se ke ba o tshwenya. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong, mme o nwe metsi a kgilweng ke bahlanka ba ka.”


Yaba Eli o botsa Samuele, o re: “Samuele, ngwanaka!” Samuele a re: “Ke nna enwa.”


Morena a boela a bitsa Samuele. Samuele a ema, a ya ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a araba, a re: “Ha ke a o bitsa, ngwanaka; tsamaya o yo robala hape.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements