Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Ruthe 2:7 - BIBELE

7 Ngwanana enwa o ile a nkopa, a re: ‘Ako ntumelle ke sale bakotudi morao, ke kgwahlapise, mme ke bokelle koro e pakeng tsa mangata.’ O ile a tla he, mme haesale a kgwahlapisa ho tloha hoseng, ho fihlela jwale; ke hona a sa itseng kgefu hanyenyane ka lephepheng!”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O itse: Ntumelle ke thole, ke thonake pela mangata, ke ntse ke setse bahedi marao. O kene jwalo, o nnile a thonaka haesale hosasa, ho fihlela jwale, haese motsotso oo a keneng tlung ho phomola hanyenyane.

See the chapter Copy




Ruthe 2:7
14 Cross References  

Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.


Mofumanehi o kopa mohau ka boikokobetso, morui ha a araba o moshashabetsa ka bohale.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


“Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.


Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.


E mong a ikokobeletse e mong ka ho hlompha Kreste.


Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”


Jwale Ruthe wa Moabe a re: “O bile a re ho nna: ‘O sebetse le bahlanka ba ka ho fihlela ba qeta ho hela koro ya ka.’ ”


Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.


Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka.


Follow us:

Advertisements


Advertisements