Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mikea 2:9 - BIBELE

9 Basadi ba tjhaba sa ka le a ba leleka, le ba leleka malapeng, malapeng a bona a matle; le amoha bana ba bona tlotla ya ka, le ba amoha yona ho-ya-ho-ile.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Basadi ba setjhaba sa ka le ba leleka tlung e ratehang ya bona, le bile le amoha bana ba bona kganya ya ka, hore ba e hloke kamehla yohle.

See the chapter Copy




Mikea 2:9
14 Cross References  

Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo!


Tente ya ka e senyehile, kgwele tsa yona tsohle di kgaohile; bana ba ka bohle ba ntshiile, ha ho ya setseng ho hloma tente ya ka, kapa hona ho phutholla masira a yona.


“Ke tla bonahatsa tlotla ya ka hara baditjhaba, mme baditjhaba bohle ba tla bona dikahlolo tsa ka, ba bone le letsoho leo ke ba otlileng ka lona.


Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona.


Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo.


Ba tswela masimo a batho pelo, ba a hape, ba honohele matlo a batho, ba inkele wona; ba hatella motho le ba lelapa la hae, ba mo hatelle, ba je lefa la hae.


Empa tsebo e tla tlala, e tlale lefatshe kahohle, tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena, e tlale lefatshe sa metsi a tletse lewatle.


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’


Follow us:

Advertisements


Advertisements