Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mikea 2:8 - BIBELE

8 Empa lona tjhaba sa ka le iphetotse sera! Motho wa kgotso ha a feta ka tsela, a iphetela, a sa nahane tsa ntwa, le mo amoha kobo a e apere.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Athe le moaba, setjhaba sa ka se ipeile sera. Le hlobodisa batho kobo eo ba e aparetseng hodima e nngwe, ha ba iphetela ka kgotso, ba sa hopole ntwa.

See the chapter Copy




Mikea 2:8
10 Cross References  

Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?”


Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse, yena eo esaleng a ituletse teroneng ya hae; hobane ha ba sokolohe, ha ba tshabe Modimo.


Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Lefa la ka le tshwana le tau ya moru; e a nthorela, kahoo ke e hloile.


Le hloile botle, le rata bokgopo, le thwebola setjhaba sa ka, le se thwebola letlalo, le se tswebolotse dinama masapong;


le buha tjhaba sa ka letlalo, le se buhe, le itjelle nama ya sona, masapo a sona le a robake dikotwana; le se kgabela sa nama e tla hadikwa, sa nama e kgabelwang e tla apehwa.”


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.


Follow us:

Advertisements


Advertisements