Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 24:8 - BIBELE

8 “ ‘Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka ba ka le tlisa lefatsheng la Baamore, ba neng ba ahile mose wane wa Jordane, mme ba le lwantsha; empa ka ba neela matsohong a lona, mme la rua lefatshe la bona; mme ka ba timetsa pela lona.

See the chapter Copy




Joshua 24:8
10 Cross References  

“Wa ba nea mebuso le baditjhaba, wa ba abela dibaka tsa bona; ba ikgapela naha ya Sihone, le ya kgosi ya Heshebone, ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashane.


“Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.


Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore.


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


“Sihone a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Jahase.


le metse yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, ho ya fihla moeding wa bana ba Amone.


Follow us:

Advertisements


Advertisements