Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 24:7 - BIBELE

7 Ke ha bo-ntata lona ba ipiletsa ho Morena, mme yena a hlahisa lefifi pakeng tsa lona le Baegepeta. A phuthumanya lewatle hodima Baegepeta, a ba pupetsa ka lona, mme le bone seo ke se entseng Baegepeta. La phela lehwatateng ka nako e telele.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba mpa ba howeletsa ho Jehova, mme a kenya lefifi mahareng a lona le Baegepeta; a ba apesa ka lewatle, a ba kgurumetsa, mme mahlo a lona a bone seo ke se entseng ho Baegepeta, la ntoo tla la hlola matsatsi a mangata lefeelleng.

See the chapter Copy




Joshua 24:7
14 Cross References  

Ha Faro a ntse a atamela, bana ba Iseraele ha ba re mahlo tloha! ba bona Baegepeta ba ba phalletse. Bana ba Iseraele ba tshoha haholo, mme ba ipiletsa ho Morena.


pakeng tsa diahelo tsa Baegepeta le diahelo tsa Baiseraele. Leru la etsetsa Baegepeta lefifi, empa bana ba Iseraele la ba etsetsa lesedi; kahoo mabotho a sitwa ho atamelana bosiu bohle.


Baiseraele ba bona letsoho le matla la Morena, le ileng la hlola Baegepeta. Setjhaba sa tshaba Morena, mme sa dumela ho Morena, le ho Moshe, mohlanka wa hae.


Ke kahoo le ileng la hlola matsatsi a mangata Kadeshe.”


“Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: “Ka mahlo a lona le bone tsohle, tseo Morena a ileng a di etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le naheng ya hae yohle;


Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?


Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?


Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba ne ba nnile ba lelera lehwatateng, ho fihlela tjhaba sohle se timela, esita le bahlabani ba ileng ba tswa Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Morena o ne a ile a ba hlapanyetsa hore a ke ke a ba dumella ho bona naha eo Morena a ileng a hlapanyetsa bo-ntata bona hore o tla re nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.


Follow us:

Advertisements


Advertisements