Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 23:5 - BIBELE

5 Morena Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka, a di falatse kapele ho lona, mme naha ya tsona e be ya lona, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a le tshepisitse.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka pela lona, a di tebele pela lona, le tle le rue lefatshe la tsona, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le boleletse.

See the chapter Copy




Joshua 23:5
9 Cross References  

“Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng.


Ke tla romela lengeloi ho o etella pele, mme ke tla leleka Bakanana, le Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Ela hloko seo ke o laelang sona kajeno. Ke tla o tebella Baamore, le Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Morena o tla leleka ditjhaba tsena tsohle kapele ho lona, le falatse ditjhaba tse kgolo ho le feta, tse matla ho le feta.


“Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse.


le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa.


Follow us:

Advertisements


Advertisements