Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joshua 23:6 - BIBELE

6 “Ka baka leo, tiyang, le boloke, mme le phethe tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao wa Moshe; le se ke la o kgeloha jwang kapa jwang.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Tiyang matla haholo ke hona ho boloka le ho etsa tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao wa Moshe, hore le tle le se ke la di kgeloha ka ho ya ho le letona, leha e le ho le letshehadi.

See the chapter Copy




Joshua 23:6
14 Cross References  

Boloka ditaelo tsa Morena Modimo wa hao; o tsamaye ka ditsela tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditemoso tsa hae, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, e le hore o tle o atlehe dinthong tsohle tseo o di etsang, le hohle moo o yang teng.


nke ke ka dumella mahlo a ka ho sheba letho le kgopo. Ke hloile diketso tsa ba kgelohileng, di ke ke tsa nkgomarela.


Ha ke furalle dikahlolo tsa hao, hobane ke wena ya nthutileng tsona.


“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.


“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”


Kgosi e se ke ya ikgohomosetsa bana babo yona, e se ke ya kgeloha Molao, e le hore e tle e phele halelele mmusong wa yona, yona le bana ba yona, hara setjhaba sa Iseraele.”


O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa.”


“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Ntweng ya lona le sebe ha le eso lwane hoo madi a ka tsholohang,


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements