Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 2:24 - BIBELE

24 Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.

See the chapter Copy




Joshua 2:24
16 Cross References  

Marena a Edomo a ile a ferekana, mahosana a Moabe a otlanya mangwele, baahi bohle ba Kanana ba nyamela.


“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.


Jwaloka lehlwa le phodisang ka nako ya kotulo, leqosa le tshepahalang le jwalo ho ba-le-romi; le kgatholla pelo ya monga lona.


Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.


Jwale banna bao ba babedi ba tloha, ba theoha thabeng, ba tshela, ba fihla ho Joshua, mora wa Nune; ba mo tsebisa tse ileng tsa ba hlahela.


Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.


Jwale Morena a re ho Joshua: “Bona, ke neelana ka Jeriko le kgosi ya yona, le banna ba dinatla, ba sebete, matsohong a hao.


Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae.


Morena a re: “Ke ba morabe wa Juda ba tla futuha pele. Bonang, ke neelane ka naha ena matsohong a bona.”


Ha le eya, le tla fumana batho ba iketlileng, mme naha e le kgolo. Modimo o le neile yona matsohong, mme ke sebaka se sa haellweng ke letho la tse teng lefatsheng.”


Ka bona bosiu boo Morena a re ho Gideone: “Tsoha, o theohele diahelong tsa Bamidiane, hobane ke neelane ka tsona matsohong a hao.


Follow us:

Advertisements


Advertisements