Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 17:2 - BIBELE

2 Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le bana ba bang ba Manasse ba laolelwa lefa ka matlo a bona: ke bana ba Abiesere, le bana ba Heleke, le bana ba Asriele, le bana ba Sikeme, le bana ba Hefere, le bana ba Shemida: bao ke bana ba batona ba Manasse, mora Josefa, ka matlo a bona.

See the chapter Copy




Joshua 17:2
6 Cross References  

Kgaitsedi ya Gileade, Hamolekete, a tswala Ishe-Hode, le Abiesere, le Mahala.


Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani.


Empa Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, yena o ne a se na bara, haese baradi feela. Mabitso a baradi bao e ne e le Mahla, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa.


Lengeloi la Morena la fihla, mme la dula katlasa sefate sa eike se Ofera, seo e neng e le sa Jowashe, wa Moabiesere. Gideone, mora wa Jowashe, o ne a ntse a polela koro setlhotlelong sa veine, hore a e patele Bamidiane.


Gideone a re ho bona: “Seo ke se entseng hase letho ha se bapiswa le seo lona le se entseng. Na se senyenyane, seo ba morabe wa Efraime ba se entseng, ha se seholo ho feta seo ba morabe wa Abiesere ba se entseng?


Follow us:

Advertisements


Advertisements