Joshua 17:1 - BIBELE1 Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani. See the chapterSesotho 1909/1961 (SO)1 Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale. See the chapter |
Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona.