Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:25 - BIBELE

25 Joshua a re ho bona: “Le se ke la tshaba kapa la tsieleha. Le be matla, le be sebete haholo, hobane dira tsa lona tsohle, tseo le di lwantshang, Morena o tla di etsa tjena.”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Joshua a ntoo re ho bona: Se tshabeng, le se ke la tshoha, itiiseng, le be banna; hobane Jehova o tla etsa jwalo le ka dira tsohle tsa lona tseo le tla di lwantsha.

See the chapter Copy




Joshua 10:25
13 Cross References  

Moya wa ka o o kgomaretse, tsoho la hao le letona le a ntshehetsa.


Jwale ke re: “Se ntlhabileng ke sena: Letsoho la Ya Hodimodimo le fetohile.”


Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.


e leng yena ya re pholositseng kotsing e kaalo ya ho shwa, mme o tla boela a re pholose. Re tshepile hore o tla nne a re pholose,


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


le meleko eo le e boneng, le dipontsho, le mehlolo; le letsoho le matla, le otlolohileng, leo Morena Modimo wa lona, a ileng a le ntsha ka lona. Morena Modimo wa lona, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.


“Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”


Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.” Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”


Follow us:

Advertisements


Advertisements