Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joshua 10:24 - BIBELE

24 Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Eitse hobane ba ise marena ao ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele, a re ho balaodi ba bahlabani ba ileng le yena: Atamelang le hate melala ya marena ao ka maoto a lona. Ba atamela, ba hata melala ya wona ka maoto a bona.

See the chapter Copy




Joshua 10:24
18 Cross References  

Ke di hlathile, hoo di ke keng tsa tsoha, e, di wetse tlasa maoto a ka.


O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa.


A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela.


Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


Morena o ka lehlakoreng la hao, hlakoreng le letona, o tla thuakanya dikgosi mohla letsatsi la kgalefo ya hae.


O mmatlafaletsa ntwa, ba ntwantshang o ba bea tlasa ka.


O tla hata tau le marabe, o hatakele tawana le noha.


Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: ‘Paqama fatshe, re tle re o tsamaye hodimo!’ Wa etsa hore mokokotlo wa hao o ke lefatshe, o ke mmila oo ho tsamauwang ho wona.”


Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho.


Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele. Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.


O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”


Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”


A re ho Jetere, letsibolo la hae: “Ema, o ba bolaye!” Empa mohlanka a se ke a tsomula sabole ya hae, hobane o ne a tshaba, kaha a ne a sa le monyenyane.


Follow us:

Advertisements


Advertisements