Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 1:8 - BIBELE

8 Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.

See the chapter Copy




Joshua 1:8
40 Cross References  

Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.


Mehleng ya Sekariya, ya neng a ena le kutlwisiso ya dipono tsa Modimo, Usiya a phetha thato ya Modimo. Ka nako yohle ha a ntse a phetha thato ya Morena, Modimo o ile a mo atlehisa.


Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao.


Molao wa hao ke o rata hakaakang! ke o nahana letsatsi lohle.


Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao.


Phemisa mohlanka wa hao, o mo phemise boikgantsho, o se ke wa dumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka kodi, ke hloke molato wa sebe se seholo.


Ke boletse tsa ho loka ha hao, ka di bolela phuthehong e kgolo; wena Morena, o a tseba, ha ke a ka ka kgutsa.


Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,


“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.


Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


“Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.”


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Ra hapa naha ya bona, mme ra e nea ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, e le lefa.


“Ka baka lena he, bolokang mantswe a selekane sena, le a phethe, e le hore le tle le atlehe ho tsohle tseo le di etsang.”


Molao ona o haufi haholo le lona, o malemeng a lona, o ka dipelong tsa lona; ho salang feela ke hore le o phethe.


ha Baiseraele bohle ba tlilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha, le bale Molao ona moo Baiseraele bohle ba leng teng, mme ba ntseng ba utlwa.


Yare ha Moshe a qetile ho ngola mantswe a Molao ona bukeng,


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.


Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!


“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.


Kamora mona Joshua a bala mantswe wohle a Molao, e leng ditlhohonolofatso le dithohako, ho ya ka tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao.


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


Follow us:

Advertisements


Advertisements