Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 1:7 - BIBELE

7 Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.

See the chapter Copy




Joshua 1:7
25 Cross References  

“Ke se ke ikela boyabatho. Eba sebete, o tshware senna.


Boloka ditaelo tsa Morena Modimo wa hao; o tsamaye ka ditsela tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditemoso tsa hae, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, e le hore o tle o atlehe dinthong tsohle tseo o di etsang, le hohle moo o yang teng.


Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.


Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha.


Matlafalang ke hona, le se ke la kgathala matla, hobane le tla putswa.”


Mehleng ya Sekariya, ya neng a ena le kutlwisiso ya dipono tsa Modimo, Usiya a phetha thato ya Modimo. Ka nako yohle ha a ntse a phetha thato ya Morena, Modimo o ile a mo atlehisa.


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”


Jwale ha re sa tla hlola re o furalla, ako boele o re phedise, re tle re rapele lebitso la hao.


Se kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, mehato ya hao e o phemise bokgopo.


Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao.


Motho eo a re ho nna: “Se tshabe, wena ya ratwang haholo. Kgotso e be le wena! Matlafala, e, matlafala!” Hoba a bue le nna ka matlafala, ka re: “Bua, monga ka, hobane jwale o mmatlafaditse.”


a mmea matsoho, a mo laya, jwalokaha Morena a boleletse Moshe.


“Ka baka lena, le boloke melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, e le hore le tle le matlafale, le kene, le hape naha eo le tla e rua, hore e be ya lona;


“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”


O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa.”


Ra hapa naha ya bona, mme ra e nea ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, e le lefa.


“Ka baka lena he, bolokang mantswe a selekane sena, le a phethe, e le hore le tle le atlehe ho tsohle tseo le di etsang.”


Moshe a bitsa Joshua, mme moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, a re ho yena: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla tsamaya le setjhaba sena, ho ya kena naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata sona, hore o tla se nea yona. Wena o tla etsa hore se e je lefa.


Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.


“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re:


Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Jwalokaha Morena a ne a ile a laela Moshe, mohlanka wa hae, le Moshe a laela Joshua jwalo, mme Joshua a etsa jwalo. Ha ho letho la tsohle tseo Morena a neng a di laela Moshe, leo Joshua a sa kang a le phetha.


“Ka baka leo, tiyang, le boloke, mme le phethe tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao wa Moshe; le se ke la o kgeloha jwang kapa jwang.


Follow us:

Advertisements


Advertisements