Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.

See the chapter Copy

BIBELE

6 Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”

See the chapter Copy




Joshua 11:6
24 Cross References  

Teng, Davida a hapa sekete se nang le makgolo a supileng a bapalami, le kete tse mashome a mabedi tsa ba maoto. Davida a seha mesifa ya maoto a dipere tsohle tsa makoloi, a ipolokela tsa lekgolo la makoloi feela.


Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.


Hosasane, le theoheleng ho bona; ke bane, ba ya hlwa ka moepa wa Tsitse; le tla teana le bona phellong ya sekgutlo, maloka le lefeella la Jeruele.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.


Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!


La na la re: Tjhe, re mpa re tla baleha re kaletse dipere. Ke ka baka leo le tla balehiswa. La re: Re rata ho kalla dipere tse lebelo! Ka baka leo, ba tla le lelekisa ka lebelo le fetisang.


Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!


Ba ahileng metseng ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo, ba tle ba tjhese dibetsa, le dithebe, le dithejana, le diqha, le metsu, le marumo, le dikwebe; ba tla di besa ka dilemo tse supileng. Ha ba sa tla rwalla patsi naheng;


Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.


O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, etswe ke tla ba neela matsohong a hao; ha ho le a mong ho bona ya tla ema pela hao.


Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele.


Ebile Joshua le bahlabani bohle ba ho yena ba ba tsometsa pela metsi a Merome, ba ba hlasela ka sehloho.


Joshua a etsa ka bona kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; a poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, a tjhesa makoloi a bona.


Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.


Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


Ba re ho manqosa a tlileng: E reng ho batho ba Jabeshe-Gileade: Hosasane, motshehare o moholo, le tla namolelwa. Yaba manqosa a ya, a tsebisa banna ba Jabeshe; mme bona ba thaba.


Follow us:

Advertisements


Advertisements