Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele.

See the chapter Copy

BIBELE

5 Dikgosi tsena tsohle tsa kopanya mabotho, mme hammoho tsa fihla tsa hloma metsing a Merome, ho lwantsha Baiseraele.

See the chapter Copy




Joshua 11:5
9 Cross References  

Basiria, eitse ha ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba boela ba phutheha.


Jehova, bao e leng dira ho nna ba bangata hakakang! Ba bangata hakakang ba ntsohelang matla!


A bona, mme a tsieleha hang; a tshoha, mme a baleha;


Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.


A tswa ka makgotla a wona kaofela, e le batho ba bangata ba ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata, ba ena le dipere le makoloi a ntwa a mangatangata.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.


a phutheha hammoho, a eba ntswe le le leng ho ya lwantsha Joshua le Baiseraele.


Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.


Follow us:

Advertisements


Advertisements