Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Joshua a hapa lefatshe leo lohle, ka dithaba, le naha yohle e ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Goshene, le dikgutlo, le lehwatata, le dithaba tsa Iseraele, le dikgutlo tsa tsona,

See the chapter Copy

BIBELE

16 Ka mokgwa o jwalo, Joshua a hapa naha eo yohle, e maralla, le naha yohle e ka borwa, le naha yohle ya Goshene, le naha e diphuleng, le naha ya Araba, le naha e maralla ya Iseraele, le diphula tsa yona.

See the chapter Copy




Joshua 11:16
16 Cross References  

A ba fa mafatshe a dijhaba, ba inkela mesebetsi ya merabe;


wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


Ke tla le hloma thabeng e telele ya Iseraele; le tla hlomela, le be le behe ditholwana, le fetohe kedare e ntlentle; tlasa yona, ho tla haha dinonyana tsohle, tsohle tse nang le dipheo; di tla haha matlo a tsona moriting wa makala a yona.


Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.


Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate.


Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa Gasa, ka naha yohle ya Goshene, ho ya fihla Gibeone.


Jwalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka wa hae Moshe, le yena Moshe a laetse Joshua, le yena Joshua a etsa jwalo. Ha a ka a feta taba leha e le nngwe ya tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.


le ho marena a ka nqa leboya dithabeng, le mahwatateng ka nqa borwa ho Kinnerethe, le dikgutlong, le maralleng a Dore ka nqa bophirimatsatsi,


Mohlang oo, Joshua a ya, a fedisa Baanake ba dithabeng tsa Hebrone, le Debire, le Anabe, le dithabeng tsohle tsa Juda, le dithabeng tsohle tsa Iseraele; Joshua a ba fedisa le metse ya bona.


dithaba, le dikgutlo, le mahwatata, le maralla, le lefeela, le naha e ka nqa borwa; e leng lefatshe la Bahethe, le la Baamore, le la Bakanana, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse.


Ebile marena wohle a mose o kwano ho Jordane, a dihlabeng le mahwatateng, ho isa le mabopong wohle a Lewatle le Leholo, mabapa le Lebanone, marena a Bahethe, le a Baamore, le a Bakanana, le a Baferese, le a Baheve, le a Bajebuse, ha a utlwa taba tsena,


Follow us:

Advertisements


Advertisements