Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka wa hae Moshe, le yena Moshe a laetse Joshua, le yena Joshua a etsa jwalo. Ha a ka a feta taba leha e le nngwe ya tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.

See the chapter Copy

BIBELE

15 Jwalokaha Morena a ne a ile a laela Moshe, mohlanka wa hae, le Moshe a laela Joshua jwalo, mme Joshua a etsa jwalo. Ha ho letho la tsohle tseo Morena a neng a di laela Moshe, leo Joshua a sa kang a le phetha.

See the chapter Copy




Joshua 11:15
24 Cross References  

Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.


Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,


le tla lelekisa pela lona baahi bohle ba naha, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa majwe, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tse tsholotsweng, mme le senye dinqalo tsohle tsa bona tse diphahameng.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.


Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.


le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.


Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tla o etella pele, mme o tla fedisa ditjhaba tseno pela hao, o tle o rue naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla o etella pele, jwalokaha Jehova a boletse.


Jehova o tla neela ditjhaba tseo matsohong a lona, le tle le di etse ka ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona.


Moshe a bitsa Joshua, pontsheng ho Baiseraele kaofela, a re ho yena: Iphe matla, mme o tiye pelo; hobane ke wena ya tla kena le setjhaba sena lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata bona hore o tla ba fa lona.


Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.


Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


Joshua a kena le metse yohle ya marena ao, a bolaya marena wohle a teng, a a timetsa ka bohale ba lerumo, a a fedisa, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse.


Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.


Joshua a hapa lefatshe leo lohle, ka dithaba, le naha yohle e ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Goshene, le dikgutlo, le lehwatata, le dithaba tsa Iseraele, le dikgutlo tsa tsona,


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Follow us:

Advertisements


Advertisements