Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Eitse hobane ba ise marena ao ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele, a re ho balaodi ba bahlabani ba ileng le yena: Atamelang le hate melala ya marena ao ka maoto a lona. Ba atamela, ba hata melala ya wona ka maoto a bona.

See the chapter Copy

BIBELE

24 Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng.

See the chapter Copy




Joshua 10:24
18 Cross References  

Ka di bolaya, ka di katakela; tsa sitwa ho tsoha, tsa wa katlasa maoto a ka.


Wa ntadimisa mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.


A tshollela nyediso ho marena, a a sollisa lefeelleng le sa nang tsela;


Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Morena, ya leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la kgalefo ya hae.


O ntadimisitse mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.


O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.


Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.


Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.


Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?


A ba a bolella Jethere, mora hae wa letsibolo a re: Ema, o ba bolaye. Empa mohlankana ha a ka a pshemola sabole ya hae ke ho tshaba, hobane e ne e sa le mohlankanyana.


Follow us:

Advertisements


Advertisements