Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




BaFilipi 1:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 hobane ke hulwa ka nqa tse pedi; ke na le takatso ya ho tloha le ho ba le Kreste, hobane ke hona ho leng molemo ka ho fetisisa.

See the chapter Copy

BIBELE

23 Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa,

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

23 Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:

See the chapter Copy




BaFilipi 1:23
24 Cross References  

Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.


Empa Modimo o tla hlwibila moya wa ka matleng a nqalo ya bafu, hobane o tla nkamohela. (Sela.)


Ke na le kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; mme ke e hlolohetswe hakakang, e be e phethehe!


Jesu a re ho sona: Kannete ke re ho wena: O tla ba le nna kajeno Paradeiseng.


Monna eo batemona ba tswileng ho yena a mo rapela, hore a mo dumelle ho ya le yena; empa Jesu a mo kgutlisa, ka ho re:


Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.


Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.


Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


Ha ba sa ntse ba mo tlepetsa, Setefane a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moya wa ka!


Ke re, re na le tshepo e tiyang, mme hoo re ho ratang ke ho falla mmeleng, re be hae ho Morena.


Ha le a patisana ka teng ho rona, empa le patisane ka maleng a lona.


Empa ka baka la lona, ho fetisang ka molemo ke ha nka nna ka ba nameng.


Hobane le lona, banabeso, le a tseba ho kena ha rona ha heno hoba ha e a ka ya eba lefeela.


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.


Hobane, haele nna, ke se ke tla etswa sehlabelo, mme nako ya ho falla ha ka e se e le haufi.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.


Follow us:

Advertisements


Advertisements