Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




BaFilipi 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha ke tsebe ha ho ka ba molemo ho nna ho phela nameng, le hoba ke tshwanetse ho kgetha ka kae;

See the chapter Copy

BIBELE

22 Empa haeba ho phela lefatsheng ho ka nthusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa, ke tla kgetha eng? Ha ke tsebe.

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

22 Empa haeba ke phela nameng, hona ke litholoana tsa mosebetsi oa ka;

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa haeba ke phela nameng, hona ke litholoana tsa mosebetsi oa ka;

See the chapter Copy




BaFilipi 1:22
14 Cross References  

Abimeleke a re: Ha ke tsebe hore na taba eo e entswe ke mang: etswe le wena o sa ka wa mpolella, le ho utlwa ha ke eso ho ba ke utlwa ho fihlela kajeno.


Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;


Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona.


Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.


Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona, seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang hodima Elia, kamoo a llileng ho Modimo kateng, ka Iseraele, a re:


Hobane leha re tsamaya re le nameng, ha re lwane ka nama;


Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.


hobane ke hulwa ka nqa tse pedi; ke na le takatso ya ho tloha le ho ba le Kreste, hobane ke hona ho leng molemo ka ho fetisisa.


Empa ka baka la lona, ho fetisang ka molemo ke ha nka nna ka ba nameng.


Hobane ke rata ha le ka tseba ntwa e kgolo eo ke e lwanelang lona, le ba Laodisia, le bohle ba sa kang ba bona sefahleho sa ka nameng,


a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements