Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.
Joshua 7:2 - BIBELE Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai. Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai. |
Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.
Ditloholo tsa Benjamine, tse neng di etswa Geba, di ne di ahile Mikemase, le Aya, le Bethele le metsaneng ya yona,
“Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae.
“Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang!
“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.
Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene.
Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.
Ha ba kgutlela ho Joshua, ba re ho yena: “O se ke wa romela bahlabani bohle. Romela bahlabani ba ka bang kete tse pedi kapa ba ka bang kete tse tharo ho futuhela Ai. O se ke wa kgathatsa bahlabani bohle ho ya moo, hobane baahi ba Ai ba mmalwana.”
Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.
Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.