A se bitsa Seba (hlapanyo); ka baka leo, lebitso la motse oo wa eba Beerseba (sediba sa hlapanyo), ho fihlela la kajeno.
Joshua 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi kahare ho Jordane, hona moo maoto a baprista ba jereng areka ya selekane a neng a eme teng; a sa le teng le kajeno. BIBELE Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo. |
A se bitsa Seba (hlapanyo); ka baka leo, lebitso la motse oo wa eba Beerseba (sediba sa hlapanyo), ho fihlela la kajeno.
Ka meso, Jakobo a tsoha, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le emisa hore e be mokolokotwane, mme a tshela ole hodima lona.
hobane ba Beerothe ba pele ba ne ba balehetse Gitthaime, ya eba bajaki ba teng ho fihlela kajeno.
Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.
Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala arekeng, kapele ho sehalalelo, di mpa di sa bonwe ke ba kantle; areka e sa dutse jwalo le kajeno.
Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.
Mahakwe a tla bewa ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele, a le leshome le metso e mmedi ka palo ya mabitso a bona; e tla ba a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng le be le lebitso la lona, le ngodilweng ka mokgwa wa tiiso ya mangolo.
Yaba balebedi ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng; mme taba eo e tumile hara Bajuda ho fihlela kajeno.
A patwa naheng ya Moabe, sekgutlong se lebaneng le Bethe-Peore; empa ha ho motho ya tsebileng lebitla la hae ho fihlela letsatsing la kajeno.
Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova.
Baprista ba jereng areka ba ema kahare ho Jordane, ho fihlela ha ho phethehile tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Joshua hore a di bolelle setjhaba, kahohle kamoo Moshe a neng a laetse Joshua kateng. Setjhaba sa akofa, sa tshela.
Motho eo a fallela naheng ya Bahethe, mme a haha motse teng, a o rea lebitso la Luse. Esale lebitso la wona le kajeno.
Taba eo ya eba molao le mokgwa Iseraeleng, haesale mohlang oo, le mehleng ya morao, ho fihlela la kajeno.
Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.