Jakobo a re ho banababo: Bokellang majwe. Ba nka majwe, ba etsa mokolokotwane, mme ba jela teng hodima mokolokotwane.
Joshua 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a re ho bona: Etellang areka ya Jehova, Modimo wa lona, pele kahare ho Jordane, mme monna e mong le e mong a nke lejwe teng, a le jare lehetleng, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele; BIBELE Joshua a re ho bona: “Fetelang kapele ho areka ya Morena Modimo wa lona, le ye bohareng ba Jorodane. Monna e mong le e mong a nke lejwe le le leng, ho ya ka palo ya merabe ya bana ba Iseraele, a le jare ka lehetla. |
Jakobo a re ho banababo: Bokellang majwe. Ba nka majwe, ba etsa mokolokotwane, mme ba jela teng hodima mokolokotwane.
Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Etlere mohla le tshelang Jordane ho kena naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona, o ke o ikemisetse majwe a maholo, o a tlotse ka kalaka;
Iseraele, mamela! Kajeno o tla tshela Jordane ho ya rua ditjhaba tse o fetisang ka bongata le ka matla, le metse e meholo e nang le marako a malelele ho isa lehodimong.
Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha ba fihla lebopong la Jordane, moeding wa naha ya Kanana, teng ba haha aletare pela Jordane, aletare e kgolo, e bonahalang.
Yaba Joshua o bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, bao a ba kgethileng hara bana ba Iseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.
e tle e be pontsho ho lona, hore, ha bana ba lona ba ka le botsa mehleng e tlang, ba re: Majwe aa a reng ho lona?