Jwale ikgetheleng banna ba leshome le metso e mmedi melokong ya Baiseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.
Joshua 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Joshua o bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, bao a ba kgethileng hara bana ba Iseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng. BIBELE Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong. |
Jwale ikgetheleng banna ba leshome le metso e mmedi melokong ya Baiseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.
Ikgetheleng hara setjhaba banna ba leshome le metso e mmedi, monna a le mong lelokong le leng le le leng;
le ba laele, le re: Itholleng mona, kahare ho Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sataletse, majwe a leshome le metso e mmedi; le ye le wona, mme le a bee moo le tla emisa ka bosiu bona.
Joshua a re ho bona: Etellang areka ya Jehova, Modimo wa lona, pele kahare ho Jordane, mme monna e mong le e mong a nke lejwe teng, a le jare lehetleng, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele;