Online Bible

Advertisements


The whole bible O.T. N.T.




Joshua 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

o ntoo tloha Bethele, o lebe Luse, ho ya kena moeding wa Baarke, Atharothe.

See the chapter

BIBELE

Moedi wa tloha Bethele ho ya fihla Lose, wa fetela pele ho ya fihla moeding wa Baareki le ho ya fihla Atarote.

See the chapter



Joshua 16:2
8 Cross References  

A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.


Davida eitse ha a fihla hlorong ya thaba moo Modimo o sebeletswang teng, Hushai Moarke a tla mo kgahlanyetsa, a hahotse kobo ya hae, a le dithole hloohong.


Yaba Hushai, motswalle wa Davida, o ya motseng. Mme Absalome a kena Jerusalema.


Yaba Hushai Moarke, motswalle wa Davida, o tla ho Absalome; Hushai a re ho Absalome: A ho phele morena! A ho phele morena!


Akitofele e ne e le moeletsi wa morena; Hushai Moarke yena e ne e le motswalle wa morena.


Fatshe la bona le neng le ruilwe ke bona le madulo a bona e ne e le Bethele le metsana ya teng, le Naarane ka nqa botjhabela, le Gesere nqa bophirimela le metsana ya teng; Sikeme le metsana ya teng, ho ya fihla Gasa le metsana ya teng;


Moedi ha o tloha teng, o leba Luse; haufi le Luse ke Bethele, nqa borwa; moedi o ntoo theosetsa Atharoth-Addare, haufi le thaba e nqa borwa ho Bethe-Horone ya katlase.