Online Bible

Advertisements


The whole bible O.T. N.T.




Joshua 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, ha a utlwa kamoo Joshua a keneng Ai kateng, a o fedisitseng, le hore jwalokaha a ne a entse ka Jeriko le ka morena wa teng, o entse jwalo le ka Ai le ka morena wa teng; le kamoo ba ahileng Gibeone ba entseng kgotso le Baiseraele kateng, ba bileng ba jakile ho bona,

See the chapter

BIBELE

Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.

See the chapter



Joshua 10:1
10 Cross References  

Melkisedeke, morena wa Saleme, a tlisa bohobe le veine. E ne e le yena moprista wa Modimo o hodimodimo.


Ke Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o moholoholo, ya neng a ye ho kgahlanyetsa Abrahama, mohla a neng a sa tswa qhala marena, a ba a mo hlohonolofatsa;


Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:


Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.


Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.


Joshua le Baiseraele bohle, ha ba bona mekgahlelo e kena motse, le mosi o nyoloha o etswa motseng, ba phekgoha, mme ba bolaya banna ba Ai,


Empa ba ahileng Gibeone, ha ba utlwa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai kateng,