Jeria, hlooho, le banababo e neng e le banna ba bahale, ba ne ba etsa kete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a dihlooho tsa matlo a bontata bona. Morena Davida a ba bea bahlahlobi ba Barubene, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Modimo le mesebetsi ya morena.
Bara ba Rubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, bao e neng e le bahale, banna ba hlomelang thebe le sabole, ba fulang ka seqha, ba tsebang ntwa, e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene tse nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng, ba neng ba ka nna ba futuha.
a re ho bona: Le bolokile tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng tsona, le bile le utlwile le lentswe la ka ho tsohle tseo ke nnileng ka le laela tsona.