Tshenolo 6:1 - BIBELE1 Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa pele sa dibitielo tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang, se bua ka lentswe le kang modumo wa letolo, se re: “Tloo!” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Mme ka bona Konyana ha e manolla tiiso e nngwe ya tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne, se re ka lentswe le kang seaduma: Tloo. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT1 Ka bona ha Konyana e manolla e nngwe ya ditiiso, mme ka utlwa se seng sa dibupuwa tse phelang tse nne se re: “Tloo o bone!” Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 20241 Ka bona ha Konyana e manolla e nngwe ya ditiiso, mme ka utlwa se seng sa dibupuwa tse phelang tse nne se re: “Tloo o bone!” Ver Capítulo |
Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo ya matla wohle, ya bileng teng, ya leng teng, ya tlang ho tla.”