Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 6:1 - Baasraak Sotho NT

1 Ka bona ha Konyana e manolla e nngwe ya ditiiso, mme ka utlwa se seng sa dibupuwa tse phelang tse nne se re: “Tloo o bone!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mme ka bona Konyana ha e manolla tiiso e nngwe ya tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne, se re ka lentswe le kang seaduma: Tloo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa pele sa dibitielo tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang, se bua ka lentswe le kang modumo wa letolo, se re: “Tloo!”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka bona ha Konyana e manolla e nngwe ya ditiiso, mme ka utlwa se seng sa dibupuwa tse phelang tse nne se re: “Tloo o bone!”

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 6:1
17 Referencias Cruzadas  

Ka la hosasane a bona Jesu a etla ho yena, a re: Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Hobane rona re ka se lese ho bolela tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.


Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le kang modumo wa metsi a mangata, le jwaloka modumo wa seaduma se seholo, mme ka utlwa mantswe a diharepa di letsa diharepa tsa tsona.


Ka utlwa eka lentswe la letshwelehadi, le modumo o kang wa metsi a mangata, le jwaloka modumo wa letolo le matla, le re: Haleluya!


Dibopuwa tse phelang tse nne, se seng le se seng sa tsona, se ne se na le mapheo a tsheletseng; mme di ne di tletse mahlo kahare: mme ha di phomole motshehare le bosiu, di re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo o matla wohle, ya neng a le teng, ya leng teng, le ya tlang ho tla.


Ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.


Ba re ka lentswe le phahamileng: Konyana e hlabilweng e loketswe ke ho amohela matla, le maruo, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le poko.


Eitse hobane e nke buka, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe pela Konyana, e mong le e mong a tshwere harepa, le nkgo ya kgauta e tletseng monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bobedi, ka utlwa sebopuwa se phelang sa bobedi se re: Tloo.


Eitse hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo o bone. Ka tadima, ka bona pere e ntsho; mme ya e kaletseng o ne a tshwere sekala letsohong la hae.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa se phelang sa bone, le re: Tloo o bone.


Eitse hobane e manolle tiiso ya bosupa, ha kgutsa lehodimong ka nako e ka etsang halofo ya hora.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos