Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 16:2 - BIBELE

2 La pele la tloha, la qhalla lefiswana la lona lefatsheng, mme diso tse mpempe tsa bereha batho ba nang le letshwao la sebatana, ba kgumamelang setshwantsho sa sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 La pele la ya, mme la tshollela nkgo ya lona lefatsheng, mme ba nkileng letshwao la sebata, le ba rapelang setshwantsho sa sona, ba tswa dibebe tse mpe, tse bohloko boselesele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Wa pele a ya, a tshollela nkgo ya hae lefatsheng; mme ha hlaha seso se bohloko, se bohloko hodima batho ba nang le letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Wa pele a ya, a tshollela nkgo ya hae lefatsheng; mme ha hlaha seso se bohloko, se bohloko hodima batho ba nang le letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:2
22 Referencias Cruzadas  

Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng.’ ”


Kamora tsena, Morena a etsa hore Jehorame a jewe ke mala a sa phekoleheng.


Hodimo sebakeng a fokisa moya, a fokisa moya wa botjhabela, ka matla a hae a tlisa moya wa borwa;


Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.”


Bakeng sa monko o monate ho tla nkga phu! Bakeng sa senyepa e be lerapo, bakeng sa moriri o lohilweng ba phumohe mafatla, bakeng sa aparo tse ntle e be tse mahwashe, bakeng sa fahleho tse borethe e be tse mabadi.


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.


“Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.


Morena o tla o otla ka mathopa a tla o tswa mangweleng le ditlhafung, a ke keng a phekolwa. A tla o bereha ho tloha bohatong ba leoto, ho ya fihla hara hlooho.


Morena o tla fedisa malwetse wohle hara lona. A ke ke a le otla ka mafu afe kapa afe a mabe, a Egepeta, ao le a tsebang, empa bohle ba le hloileng o tla ba otla ka wona.


Sa sebedisa matla kaofela a sebatana sa pele, pontsheng ya sona. Sa etsa hore lefatshe le baahi ba lona ba kgumamele sebatana sa pele, seo leqeba la sona le ka bolayang le neng le se le fodile.


Yaba ya dutseng hodima leru o akgela sekele ya hae lefatsheng, mme lefatshe la kotulwa.


Yaba lengeloi le leng, e leng la boraro, le latela ao ka ho bua ka lentswe le phahameng, le re: “Haeba mang kapa mang a ka kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, mme a fumanwa a ena le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae,


Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.”


Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.


La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.


Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona.


Yare hoba ba ise areka moo, Morena a hlahisetsa motse oo tsietsi e kgolo. A otla banna ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane; ba tswa mathopa a mokoteng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos