Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 16:1 - BIBELE

1 Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba ke utlwa lentswe le leholo, le tswang tempeleng, le howeletsa mangeloi a supileng, le re: Eyang, le tshollele lefatsheng dinkgo tse supileng tsa bohale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang tempeleng, le re ho mangeloi a supileng: Eyang, le tshollele lefatshe dinkgo tsa bohale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang tempeleng, le re ho mangeloi a supileng: Eyang, le tshollele lefatshe dinkgo tsa bohale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:1
17 Referencias Cruzadas  

Theolela kgalefo ya hao hodima baditjhaba, baditjhaba bana ba sa o tsebeng, le hodima mebuso ena, mebuso e sa rapeleng lebitso la hao;


Halefela tjhaba tsena tse sa o tsebeng, o halefele batho ba sa ipiletseng ho wena. Tjhaba tsena di metsitse Jakobo, tsa mo metsa bokwiditane, tsa mo timetsa, metse ya hae tsa e fetola nanaola.


Morena a re ho monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene: “Kena hara mabidi a katlasa dikerubime. Ka matsoho a hao o nke mashala a tukang, a hara dikerubime, o a hasanye hodima motse.” Yaba o kena hara mabidi ke ntse ke mo tadimile.


Ka baka leo, ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ka ba timetsa ka kgalefo ya ka e tukang malakabe, ka ba nea kotlo e lokelang diketso tsa bona, ho rialo Morena.”


Kahoo nkemeleng,” ho rialo Morena, “le nkemele ho fihlela ha ke le qosa. Ke na le morero wa ho phutha ditjhaba, wa ho di phutha le mebuso ya tsona, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima tsona, e leng bohale ba ka bo tukang malakabe. Lefatshe lohle le tla timetswa ka mollo, ka mollo wa kgalefo ya ka ya ho boulela.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Lengeloi le leng la tswa tempeleng, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya dutseng hodima leru, la re: “Akgela sekele ya hao, o kotule, hobane nako ya ho kotula e fihlile, tse kotulwang tsa lefatshe di butswitse.”


Hape ha tswa lengeloi le leng aletareng, e le le nang le matla a ho laola mollo, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya tshwereng sekele e bohale, la re: “Akgela sekele ya hao e bohale, o kge masihla a morara wa lefatshe, hobane ditholwana tsa wona di butswitse.”


Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.


Lengeloi la bosupa la qhalla lefiswana la lona moyeng, mme lentswe le phahameng, le tswang teroneng e ka tempeleng, la re: “Ho phethahetse.”


Morena o ile a o roma, a re: ‘Tsamaya, o yo timetsa baetsadibe bao ho hang, e leng Baamaleke; o ba lwantshe ho fihlela ba fela tu!’


Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos