Ka lona letsatsi leo ba eja, ba enwa ba nyakaletse haholo, ba le kapele ho Morena. Ba boela ba bea Solomone, mora wa Davida, kgetlo la bobedi, hore e be kgosi; ba mo tlotsetsa Morena, hore e be mmusi e moholo, Sadoke yena e be moprista.
Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso.
Ba re: ‘Ke hobaneng ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo?’ “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata.
Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.
Ha se ka ke sa etsetsa Morena nyehelo tsa veine, mahlabelo a sona ha a amohelehe ho yena, ho sona a tla ka dijo tsa bofifi, bohle ba di jang ba tla silafala. Dijo tsa bona di tla itjellwa ke bona feela, di ke ke tsa kenngwa ka Tempeleng ya Morena.
“Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: ‘Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka?
Na see hase sona seo Morena a neng a se bolele ka baporofeta ba boholoholo, mehleng ya ha Jerusalema e sa na le baahi, mme e atetswe ke nala, yona le metse e e potapotileng, le naha e ka Borwa le e diphuleng?’ ”
Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.
Tjhelete eo le e sebedise ho reka tsohle tseo le di ratang; e ka ba dipholo, kapa dinku, kapa veine, kapa jwala, kapa tsohle tseo le di batlang. Tsena le di jelle kapele ho Morena Modimo wa lona, le thabe hammoho le malapa a lona.
Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”