Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha le ntse le eja, le enwa, na hase lona ba jang, hase lona ba nwang na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Na ha le ne le eja, le enwa, le ne le sa itjelle le ho inwella e le lona?

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 7:6
15 Referencias Cruzadas  

Ba eja, ba enwa pela Jehova tsatsing lona leo ka thabo e kgolo; ba boela ba bea Salomone, mora Davida, morena la bobedi, ba mo tlotsa pela Jehova, hore e be motsamaisi wa setjhaba, mme Tsadoke a bewa moprista.


Ha o a ka wa ntlhabela ditjheso tsa dinku tsa hao, ha o a ka wa ntlotlisa ka mahlabelo a hao; ha ke a ka ka o etsetsa boima, ka ho re: O nnyehelle; leha e le ho o kgathatsa, ka ho kopa dibano.


Ba re: Na re itimelang dijo, ha o sa re bone? Re hlokofaletsang meya ya rona, ha o sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lona la ho itima dijo le mathela mesebetsing ya lona, mme le hlorisa bohle ba le sebeletsang.


Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.


Ha ba sa tla tshella Jehova veine, mahlabelo a bona ha a sa tla mo kgahla, bohobe ba bona bo tla ba ho bona jwaloka bohobe ba bofifi, bohle ba bo jang ba fetohe ditshila, hobane bohobe ba bona e tla ba ba bona feela, bo ke ke ba kena tlung ya Jehova.


Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?


Na ha le elellwe mantswe ao Jehova a neng a a bua ka baporofeta ba pele, ha motse wa Jerusalema o sa ntse o ahilwe, o dutse ka kgotso, metse ya wona e le kamathoko ho wona, naha e ka nqa borwa le lehwatata di sa ahilwe?


Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


mme o tla reka ka tjhelete tseo tsohle tseo pelo ya hao e ka di lakatsang, dikgomo, dinku, kapa veine, kapa seno se seng se matla, leha e le ntho tsohle tseo pelo ya hao e ka di lakatsang, o di je hona teng, pela Jehova, Modimo wa hao, mme o thabe, wena, le ba ntlo ya hao;


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos