Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 13:3 - BIBELE

3 Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: ‘O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena.’ Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha ho ka ba e mong ya sa ntseng a porofeta, ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla re ho yena: O ke ke wa phela, hobane o boletse leshano ka lebitso la Jehova! Mme ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba, ka baka la ho porofeta ha hae.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 13:3
13 Referencias Cruzadas  

“Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’


Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: ‘Molaetsa wa Morena,’ motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle.


Jwale moporofeta Jeremia a re ho moporofeta Hananiya: “Mamela mona, wena Hananiya! Morena ha a ya o roma, empa wena o etsa hore setjhaba sena se tshepe leshano!


Ka baka leo, ha le sa tla hlola le bona dipono tsa mafeela, kapa hona ho noha, hobane ke tla lopolla setjhaba sa ka matsohong a lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena!’ ”


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.


“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,


“Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos