Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 13:2 - BIBELE

2 “Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 13:2
40 Referencias Cruzadas  

“Morena a re ho wona: ‘Jwang?’ “Wa araba, wa re: ‘Ke tla ya, ke rute baporofeta bohle ba hae ho bua leshano.’ “Morena a re: ‘O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!’


Ba mathang kamora yona ba ipakela mahlomola; nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi, esita le ho bolela mabitso a yona, ho a bolela ka molomo wa ka.


Haeba ruri e harotswe, o tla e hlahisa e le bopaki, mme a ke ke a lefiswa se harotsweng.


“Hlokomela tsohle tseo ke o boleletseng tsona. O se ke wa bua ka mabitso a medimo esele, leha e le ho a bolela.”


medimo ya bohata e tla fediswa yohle.


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,’ ho rialo Morena.”


“ ‘Ha ho sa tla hlola ho eba le dipono tsa leshano, kapa boporofeta ba bohata kahara setjhaba sa Iseraele.


Ka baka leo, ha le sa tla hlola le bona dipono tsa mafeela, kapa hona ho noha, hobane ke tla lopolla setjhaba sa ka matsohong a lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena!’ ”


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ke tla timetsa le medingwana, medingwana ya bohata, ke fedise tshwantsho tsa medimo, ke di fedise naheng ya Nofa; ha ho sa tla ba le kgosana naheng ya Egepeta, pelong tsa Baegepeta teng ke kenye tshabo.


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


Ke tla le lopolla ho tsohle tse le silafatsang, ke le tlisetse tjhai ya koro, le se ke la hlola le bolawa ke sekoboto.


Ba ke ke ba hlola ba itshilafatsa ka medingwana ya bona, le ka dintho tsa bona tse manyala, kapa ka e nngwe feela ya ditshito tsa bona. Ke tla ba lopolla hohle moo ba phelang teng, moo ba etseditseng sebe teng, ke ba hlwekise. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa bona.


Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.


Hohle moo le phelang teng metse e tla fetoha masupi, dibaka tsa lona tsa borapedi di heletswe, e le hore dialetare tsa lona di tle di senngwe, di sale di le feela. Medimo ya lona ya bohata e tla pshatlwa, e fele, difika tseo le di kgumamelang di heletswe, mme tsohle tseo le di entseng di fediswe.


Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”


Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa, le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa.


Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko.


Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: ‘Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,’ eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!”


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


“Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane.


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


Empa ha ke leleka bademona ka monwana wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


Le heletse dialetare tsa tsona, le thue difika tsa tsona tseo di di kgumamelang. Le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tsa Ashera. Ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona le di rathake, le fedise mabitso a tsona dibakeng tseo.


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos