Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 10:9 - BIBELE

9 Leha ke ba qhalanyeditse hara baditjhaba, ba tla nne ba nkgopole ba le naheng tse hole, bona le bana ba bona ba tla phela, ba be ba kgutlele ha habo bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Leha ke ba jadile hara ditjhaba, ba tla nkgopola naheng tse hole, mme ba tla phela le bara ba bona, ba be ba kgutle.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 10:9
24 Referencias Cruzadas  

Empa haeba le ka kgutlela ho nna, mme la boloka melao ya ka, la e phetha, leha eba ke ile ka le hasanyetsa dipheletsong tsa lefatshe, ke tla le bokella le le hona moo, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke se kgethileng, hore ke kgumamellwe ho sona.’


Naheng e nngwe le e nngwe le motseng o mong le o mong, moo taelo ya kgosi le molao wa yona o ileng wa fihla teng, Bajuda ba thaba, ba nyakalla, ba keteka, ya eba letsatsi le monate. Baahi ba bangata ba naha eo ba ipitsa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Bajuda.


“Hopola ntho tsena, wena Jakobo, wena Iseraele, hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile, o mohlanka wa ka, wena Iseraele, ha nka ke ka o lebala.


Ho tloha mehleng ya kgalekgale ha ho ya kila utlwa, ha ho ya kila bona Modimo e mong ntle ho wena, Modimo ya thusang ba mo tshepileng.


Ha ba ka ke ba sebeletsa lelea, kapa ba tswalla bana ba bona, ba ba tswalla ditsietsi, ke peo ya ba hlohonolofaditsweng, ba hlohonolofaditsweng ke Morena, bona mmoho le ditloholo tsa bona.


Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo, tsa Juda tsona e be majalefa, majalefa a thaba tsa ka; thaba tseo e tla ba lefa la bakgethwa ba ka, mme bahlanka ba ka ba tla aha ho tsona.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla atisa batho ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda, ke be ke atise le tsona diphoofolo.


“Lona ba phonyohileng sabole, tsamayang, le se ke la dikadika! Hopolang Morena le le naheng e hole, le nahane le yona Jerusalema.”


Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.


Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: ‘Le setjhaba sa ka,’ bona ba re: ‘O Modimo wa ka.’ ”


“Nna ke tla fela ke etse taelo, ntlo ya Iseraele ke e hlokole, ke e hlokole hara ditjhaba tsohle, ke e hlokole sa koro e hlokolwa ka sefe, empa ho se thollo le e nngwe e welang fatshe.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho.


Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.


Ha e le ba qhalantsweng, ba ya kahohle ba ntse ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Modimo.


Ha e le mona wena, eo ka tlhaho o leng lekala la mohlwaare wa naha, o remilwe, mme o hlomathiseditswe mohlwaareng wa hae, ka mokgwa oo e seng wa tlhaho, ho tla ba bonolo hakaakang, ho bao ka tlhaho e leng makala a mohlwaare wa hae, hore ba boele ba hlomathiswe mohlwaareng wa bona!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos