Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 10:10 - BIBELE

10 Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta, ke ba phuthe, ba kgutle Asiria. Ke tla ba tlisa Gileade, ke ba tlise le Lebanone, ho fihlela naha tseo di sa ba lekane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta le Assiria, ke ba phuthe, ke ba tlise naheng ya Gileade le Lebanone, mme sebaka se ke ke sa ba lekana.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 10:10
16 Referencias Cruzadas  

Lelapa le lenyenyane le tla ngatafala e be dikete, setjhaba se fokolang sona se matlafale, nna Morena, ke tla potlakisa sena, ke se potlakise ka nako ya sona.”


Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda: “Le hoja ho nna o ka Gileade, o tshwana le tlhoro ya Lebanone, ruri ke tla o fetola lehwatata, ke o fetole metse e hloka baahi.


Ke tla busetsa Baiseraele makgulong a bona, ba fule Karamele, ba fule le Bashane; ba fule thabeng ya Efraime, ba fule le Gileade, di ba fepe di be di ba kgorise.


Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima.


Ba tla pakasela sa nonyana e fofa, ba pakasele ba etswa Egepeta, ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria, ke ba ahise matlung a bona,” ho rialo Morena.


Letshwelehadi la bathopuwa ba Iseraele ba Kanana le tla hapa naha eo ho ya fihla Sarepeta, bathopuwa ba Jerusalema, ba leng Sarefate, ba tla ikgapela metse e ka Borwa.


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Bonang! Ke tla lopolla setjhaba sa ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela.


Ke tla se kgutlisetsa Jerusalema, se tlo aha teng. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke tla ba Modimo wa sona ya tshepahalang, ya lokileng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos