Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 31:9 - BIBELE

9 Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona, mme ba hapa makgomo a bona kaofela, le mehlape ya bona kaofela, le maruo wohle a bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:9
9 Referencias Cruzadas  

Ba hahara le maruo a bona wohle, le bana ba bona le basadi ba bona bohle; le tsohle tse neng di le ka matlung a bona ba di hapa, ya eba thepa ya bona.


Ba futuhela badisana ba mehlape ya dikgomo. Ba futuhela le metebo, ba hapa dikgutshwane, le dikamele tse ngata, yaba ba kgutlela Jerusalema.


Ka lebaka lena, Morena Modimo wa hae, a neelana ka Akase matsohong a kgosi ya Arame. Kgosi ena ya mo hlola, mme ya thopa letshwelehadi la setjhaba sa Juda, ya le isa Damaseka. Hape ha neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Iseraele, e ileng ya mo hlola, bahlabani ba hae ya ba etsa mofela.


Le metse ya bona yohle eo ba ahileng ho yona, le diahelo tsa bona tsohle ba di tjhesa ka mollo.


Mohlabani e mong le e mong o ne a inketse kgapo.


Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.


Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos