Bana ke bona bara ba Ishemaele, mme ana ke mabitso a bona, ho ya ka metse ya bona, le ho ya ka diahelo tsa bona; ke mahosana a leshome le metso e mmedi, ho ya ka merabe ya bona.
Faro, kgosi ya Egepeta, o ne a ile a nyoloha, a hapa Gesere, a e tjhesa ka mollo, a bolaya Bakanana ba neng ba ahile motseng oo; yaba o phahlela moradi wa hae, mosadi wa Solomone, ka motse oo.
Naha ya lona e hloka baahi, metse ya lona e tjhesitswe ke mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona, le ntse le ba bona, baditjhaba ba sentse naha ya lona.
Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa.
Motse wona ba o tjhesa ka mollo, le tsohle tse neng di le kahara wona. Ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, tsona ba di kenya letloleng la ntlo ya Morena.
Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.”
Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,