Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 30:13 - BIBELE

13 “Kano efe kapa efe, le boitlamo bofe kapa bofe ba ho itima ho hong, boo a bo hlapanyetsang, monna wa hae a ka bo tiisa, kapa a bo nyopisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Boitlamo bofe le bofe, kapa boikano bofe le bofe boo mosadi wa hae a itlamileng ka bona ho hlomola moya wa hae, monna wa hae a ka nna a bo tiisa, kapa a bo fedisa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 30:13
13 Referencias Cruzadas  

Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.


Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse,


Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo, na ke mokgwa oo ke o kgethileng, wa hore motho a itlhokofatse ka tsatsi le le leng? Wa hore a kebise hlooho jwaloka letsepa la lehlaka, a ipitike hodima tse mahwashe, a be a itshelake ka molora? Na oo ke wona mokgwa wa ho itima dijo? Na tsatsi le tjee le ka amoheleha ho Morena?


“Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.


“Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.


E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.”


“ ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang, mme le itime dijo. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela.


“Empa haeba matsatsi a feta ka ho hlahlamana, feela monna wa hae a sa re letho ho yena, e tla ba monna eo o tiisitse dikano tsohle le boitlamo bohle ba mosadi eo, boo a itlamileng ka bona. Tsena o di tiisitse, hobane ha a a ka a re letho ho mosadi, mohla letsatsi leo a neng a di utlwa ka lona.


Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste.


Ebile mosadi o bopilwe ka baka la monna, athe monna ha ya bopjwa ka baka la mosadi.


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos