Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 30:12 - BIBELE

12 Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa ha monna wa hae a di fedisa ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a ikanneng ka tsona le tseo a itlamileng ka tsona, e tla ba tse sa tiyang, hobane monna wa hae o di fedisitse; mme Jehova o tla mo tshwarela.

Ver Capítulo Copiar




Numere 30:12
10 Referencias Cruzadas  

Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.


Yaba basadi ba re: “Ha re ne re tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, re mo etsetsa nyehelo ya dino, banna ba rona ba ne ba tseba hore re etsa dikuku tse nang le setshwano sa hae, re mo etsetsa le nyehelo ya dino!”


Moprista o tla etsetsa setjhaba sohle sa bana ba Iseraele tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa, hobane ba entse phoso, mme ba tlisitse nyehelo ya mollo ho Morena, le nyehelo e tlosang sebe, ka baka la phoso ya bona.


Moprista o tla etsetsa motho eo ya entseng sebe e se ka morero tefelo ya sebe kapele ho Morena; o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla tshwarelwa.


eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama.


“Kano efe kapa efe, le boitlamo bofe kapa bofe ba ho itima ho hong, boo a bo hlapanyetsang, monna wa hae a ka bo tiisa, kapa a bo nyopisa.


Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse.


Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.


Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste.


Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos