eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama.
Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.